00 266 509 121 23
  • Home
  • News
  • About
  • Contact
  • Donate
    • Crowdfunding

African Storybook Project

19/10/2014

Comments

 
We have decided that we will work on this page in both SeSotho and English. We are not in an English speaking context, and we also want to reach out to our SeSotho speaking brothers and sisters. So here goes!

Rese re tlohile!
Rese rele ntlong e nyane e pinki motseng oa Ts’eanku. Sekolo sa Malealea secondary se reamohetse ho sebeletsa kahare ho sebaka sa bona. ‘Me kahona ho bolela hore re moo reka fumanang bana ba bangata ba sekolo sa Malealea Primary le ba sekolo sa Malealea secondary school. Hape rentse re sebelisa Holo ea sekolo sa secondary school le ea Kereke ea Church bakeng sa lintho tseo reli etsang. ‘Me kahona rele tsebisa hore retlaba le Holo ea bana moo, bana ba kabang le boithutelo teng. ‘(Joalo kaha batho ba buoa ba rata ho etsisa Shorts le Lehoenya ka hore, Yes of course why not!’)

Reile raba le workshop ea African Storybook Project ka June. Batho ba robong, bao baneng basa its’abelle holo etsa lipale bane bale teng, ra etsa lipale le bona ka sesotho, Ka morao ho moo, reile ra lihlahloba ra lilokisa raba ra lihlalosa ka Sesotho. Utla libona mono ho Www.africanstorybook.org Botho bao baneng bale teng work shopong, baiphile labitso la sehlopha sa bona. Lebitso la sona ke Malealea ASP club. Rentse re tsoela pele ka hosebetsa ka thata re thabile ka honyakalla hohle hoa rona
Rona re bala pale ea ASP ea Kokonya e pholosang Leeba. Etela www.africanstorybook.org haeba u batla ho ipalla. Hape rentse re sehlalositse ka Sesotho sa habo rona. Ka morao ho moo, rea buisana le bana, re bontsana hore na liphoofolo li thusana joang,Hape le hore na liphoofolo li bohlokoa joang ho rona rele batho. Re kenyeletsa li liphoolo tseo bana bosa lithabeleng kapa tseo bali ts’abang joalo kaboo, senkakana le linoha. Rea shebisana hore na liphoofolo tsena li bohlokoa ha kae, e bile lire thusa hakae leha reli ts’aba. Rea babolella le hore retlameha ho hlompha, le hose libolahe, hobane letsona lina le thuso ho rona. Phoofolo engoe le engoe, e na le sebaka sa eona le mosebetsi oa eona bophelong. Haho joalo?
Library ea Paleng kentlo e nyane eoo, e bileng e le office. Library ke mosebetse o bohlokoa ho rona le ho oena. Ho library ea rona, re joetsa bana lipale. Bana ba rona baea balisana ‘moho. Hape le rona rea baballa lipale.Rena le lithoe tsa li paliso tseka thusang bana hobala bantse ba bapala ka tsona. Baithuta ka libuka tse qabolang tse monate.Empa hare bakope hore batlo kopa libuka, re emala bona hore botle hotlo kopa libuka. Retsepa hore bana batlaba le tjantjello ea hotla sebakeng sa libuka hotla bala, le hobapala.Bana babang basheba bana babang haba bala, eba lebona baea hobona, baea balisana ‘moho. Ha bana batla hotla kopa libuka, hono ke hobolela hore bana, ba batla libuka hore ba bale hae lapeng hantle. Ngoana a ka lula a bala buka sebakeng sa libuka letsatsile le letsatsi ( ha beli ka beke) hosa khethele hore na ngoana o mokae ka lilemo. Empa ngoana o lumelloa honka buka hale lilemo li leshome hoea holimo. Tlhokomelo eoo re e hlokometseng ka bana ba lilemo likase ho lesheme, ke habane haba khutlise libuka, baea lilahla,Ngoana emong le emong, u fuoa polasetiki ea ts’elang buka kahare ho eona. Polasetiki ena e khona ho boloka kapa ho sireletsa buka hore e seke ea koloba ha pula ena. Ngoana emong le emong o na le karete ea hae, ea lebitso lahae. Ha ngoana ana le buka, polasetiki le karete, Joale ba qala ho etsa mosebetsi oa hobala, e be baea bapala.
Comments

    What we do

    All
    2015 Review
    2016 Review
    African Storybook Project
    Arts
    Community Library
    Dance
    Development
    Donations
    Drama
    Drawing And Painting
    Games
    Gardening
    Hare Baleng Crowdfunding
    Health
    Imagination
    Infrastructure
    Learning
    Lesotho
    Literacy
    Malealea
    Mother Tongue Literacy
    Mother-tongue Literacy
    Mothertongue Literacy
    Music
    Nutrition
    Pictures
    Play
    Publishing
    Reading
    SeSotho
    Special Needs
    Storytelling
    Teaching
    Workshops

    Archives

    December 2016
    July 2016
    May 2016
    April 2016
    March 2016
    February 2016
    January 2016
    December 2015
    November 2015
    September 2015
    August 2015
    July 2015
    June 2015
    March 2015
    December 2014
    November 2014
    October 2014
    September 2014
    August 2014
    July 2014

    RSS Feed

BANK TRANSFER DETAILS
Paleng Lesotho 
Business current account
Branch: Killarney, Johannesburg, South Africa
Branch Code: 00 7205
Account Number: 371566983
Swift Code: SBZAZAJJ
CONTACT DETAILS
palenglesotho@gmail.com
(00 266) 509 12 123
Facebook > PalengChildrensCentre

Website by Edward Morgan
Proudly powered by Weebly